Ledombolo, (leo hape le tsejwang e le umbhako, ujeqe, dipapata ka Setswana e rosile ka isiXhosa), ke bohobe ba setso ba Afrika Borwa bo bo etswang ka metsi,yeast le folouru. Ke dijo tse tlwaelehileng malapeng a mangata Afrika Borwa.[2] Bohobe bona bo hlophisetswa ka hara setshelo mme bo phehwe ka metsi a belang.[2] Bo fapana le leqebelekwane ka hore bo hlophiswa ka yeast ho fapana le phofo ya ho baka. Ho na le mefuta e fapaneng ya dijelello tsena Afrika Borwa. Setsong sa amaZulu ledombolo le phehwa ka hodima setjhu ho ena le hore le phehwe ka bolona ka pitsing e ikemetseng. Mofuta oo wa bohobe ho amaZulu o tsejwa e le uJeqe. Ledombolo hangata e jewa ka mefuta e fapaneng ya dijelello tse tse kang setjhu sa kgoho, setjhu sa kgomu, sa nku kapa mohodu.
Ledombolo le ka etswa ka ho sebedisa folouru ebe o le kopanya le setjhu ha o etsa la tatso ya sona.
E amana le Madatjhe Jan-in-de-zak kapa broeder.